Motse-moholo oa naha ea France, Paris, hona le seema-hale se hlomiloeng ele sehopotso sa Molaoli ea bitsoang Napoleon. Lipakeng tsa pheletsong ea lilemo tse lekholo tsa Selemo sa sekete le makholo a robeli, le ho qaleng ho lilemo tse lekholo, tsa selemo sa sekete le makholo a robong. Nepoleon ile ea ba monna ea hlomphuoa le ho ts’ajoa Europe eohle. Botumo ba tlholo ea lintoa tsa hae, bo ile ba tlala Europe eohle, eaba linaha tsohle li ba tlasa taolo le bolaoli ba hae, ntle le naha ea England feela. Molaoli enoa ea neng a ena le tjantjello, o ne a thabela le ho natefeloa ke ho laola lefats’e lohle.
Motse-moholo moo ho hlomiloeng seema-hale seo sa Molaoli eo, ho ngotsoe lethathamo la lintoa tsohle tseo Napoleon a li hlotseng. Empa, leha ho le joalo hona le ntoa e le ‘ngoe ea bohlokoa e sa ngoloang lethathamong leo. Eleng ntoa ea nalane e bitsoang ea Waterloo. E ile ea mo hlola. Lintho tsa fetoha, tsa mo hlanohela. Tjantjello ea hae fela joaloka moholi, hobane a lahlehetsoe ke ntoa ea bohlokoa ho lintoa tsa li loanneng. Kamora seo, o ile a romeloa palehong , a shoa a hlouoe haholo.
Ho thusang hore ebe Napoleon, o ile a ba matla lefats’eng empa a fihla a hloloa ke ntoa ea Waterloo? Khanya, botumo le matlotlo a hae li ile tsa fela joalo feela. Lintoa tsa ileng a lihlola pele ha li ka tsa mo thusa ka letho, nakong eo a neng a hloloa ntoeng ea bohlokoahali. Ka ho hloloa ke ntoa eo, ile eaba o lahlehetsoe ke tsohle tsa kileng a ba le tsona.
Motho e mong le e mong ea nang le boikarabello ka bophelo ba hae, o qobana le lintoa tsa semoea bophelong bona. ‘Me litlamorao tsa lintoa tseo li bohlokoa ebile li ka ba kotsi haholo. Ho lahleheloa ke ntoa ea Waterloo, ho ile oa hlahisetsa Napoleon lihlong tse kholo bophelong ba hae. Tlholo ea moea moea e ka u tlisetsa le ho isa tsuong e sa feleng. Na o kile oa nahanisa litlamorao tsa bophelo ba boikhabi bo senang Jesu ho bona, hore na bo ka u tlisetsang?
Na u tlo hloloa ke ntoa ea bophelo? Ntoa e pakeng tsa bophelo le lefu? Ntoa e pakeng tsa ho ea leholimong kapa liheleng? Ntoa pakeng tsa ho itsoa le ho ithata, moea oa hau kapa Satane? Jesu o re: “ Ho thusang ho motho ho ruoa lefats’e lohle, empa qetellong a lahleheloa ke moea oa hae” (Mareka 8:36)
Ekaba re na le maruo a lefats’e lena kapa ha rena oona, empa ha re lahleloa ke meea ea rona, hoo ke koluoa e kotsi ea bosafeleng. ‘Me bosalefeleng ba rona bo totobetse. Batho ba bangata ha ba lemohe hore ha ele hantle, hona le ntoa ea semoea eo ba lokelang ho ee loana. Satane o sirile kutloisiso ea bona ka ho ba lakalisa lintho tsa nama le tsa lefats’e, ebe ha ba lemohe hore ba lokela ho loana khahlanong le sebe le bokhopo. Bibele e re: “…Tsoha, wena morobali, tloha hara bafu, ‘me Kreste o tla u bonesetsa” (Ba-Efese 5:14). Hlohlora mahlahlela a Satane le a sebe. Loana ho fihlella qetellong, o ke ke oa qoba lefu nameng ea hau lefats’eng empa u ka qoba lefu la bosafeleng eleng la hoba liheleng. “Lefu le lebitla tsa akheloa lets’eng la mollo”( Tsenolo 20:14). “Moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng” (Mareka 9:44). Haeba u hloloa ke ntoa bakeng sa pholoso ea moea oa hau, e tla ba tsuo le hlokofatso ea ka ho sa feleng liheleng.
Na u kile oa ema ‘me oa nahanisisa ka taba ea hore ho na le mohato o le mong fela, pakeng tsa hao le lefu? Na u malala-a-laotsoe ho feta nako ea joale ho ea bo sa feleng? Ho fumana tlholo e lebisang hae leholimong, u lokela ho tla ho Jesu eena ea: “…Jesu Kreste o tlile lefats’eng ho boloka baetsalibe” (1 Timothia 1:15). “… o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake” (Liketso 17:30). Kajeno! Eseng hosane kapa nako e ngoe e tlang. “…Joale ka nako e ts’oanelang; bonang, joale ke letsatsi la pholoho” (2 Ba-Korinthe 6:2) Ha eba ha ona Jesu pelong ea hau, ha eba litaba tsa khale li etsa u ikutloe u le tsuong, ha eba ha u so amohele tsoalo ea bobeli (Johanne 3:3), Se ke oa itebala, Sokoloha! Tloho ho Jesu, u ntse u le joalo, hobane o eme monyako oa pelo ea hau o ntse a kokota. Jesu o itse: “Ekare ha e mong a utloa lentsoe la ka, ‘me a bula monyako, ke tla kena ha hae, ‘me ke tla lalla le eena, le eena le ‘na” (Tsenolo 3:20). U ka nna oa botsa, “Na ehlile baetsalibe ba ka pholosoa?” Ho joalo! Tloho ho Kreste ka pelo ea hao kaofela ka tumelo, ‘me u mo amohele bophelong ba hau, joaloka Morena le mopholosi. Bakela libe tsa hau ‘me u utloe le ho mamela lentsoe la Moea o Halalelang le ka ho uena. Joale o tla qala ho hlola lintoa bakeng moea oa hau. U ke ke oa imona monoana ka khotso le thabo bophelong bona feela, empa ha kakang khanyeng le ‘Moloki bosafeleng. Lilemo tse likete-kete tsa ho feta Moporofeta Ezekiele a re: “Ha e le e mobe, ha ka sokoloha libeng tsohle tseo a neng a li etsa, a boloka likomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shoa”.(Ezekiele 18:21).
Ha eba u ikemiselitse ho natefeloa ke menate ea libe tsa lefats’e, u tla iphumana u lahlehetsoe ke ntoa joaloka Napoleon ea ileng a hloloa ke ntoa ea Waterloo. U tla ba joaloka motho ea noelang metsing ho se ea ka mopholosang, a be a timele. Ke ntho e bohloko ho ea jella bosafeleng ba hao liheleng. Itsoarelle ka Morena Jesu, ea moholo ea tsebang ho boloka maphelo a batho ntle le tieho ea letho. O pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena.(Ba-Heberu 7:25). Bosafeleng o le leholimong! Mabapi le ntoa ea ho qetela, u tla buoa joaloka Moapostola Paulosi: “A re leboheng Molimo o re neileng ho hlola ka Morena oa rona Jesu Kreste” (1 Ba-Korinthe 15:57).
Moea oaka, u na le khetho ea ho hlola kapa ea ho hloloa, ea leholimo kapa lihele, ho phelela Molimo kapa Satane, qetello e thabisang e khanyang kapa ea tsuo le ho hlokofatsoa. “Ke beile pela hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele…”(Deuteronoma 30:19). Khetha Jesu kajeno! molemong oa hau.