Bebele e re fa meoloane ea seo lelapa le lokelang hoba sona, ke sebaka se hlophisehileng, lehae le tsitsitseng, le tikoloho e mofuthutho ho bohle. Lelapa e kaba Sebaka khatholoho le khotsofalo kapa sebaka sa liqhoebeshano, hlonamo le likhatsatso tsa mefuta. Na lelapa la hao ke le thabileng, le tiileng, le khonang ho ema ha lifefo tsa bophelo li tsukutla lenyalo la hao?
Bo-Kreste bo ipapisitse le Molimo, Mor’a hae Jesu, Moea o Halalelang, le Bibele eo eleng lentsoe la Molimo le ngolletsoeng batho ba phelang lefats’eng. Mo-Kreste ke motho ea lumelang Bibele ka botlalo hore ke lentsoe la Molimo, ‘me a phela ho latela lithuto tsohle tsa Jesu Kreste. Tsela eena ea bophelo ke eona e tlisetsang motho khotso ea sebele le khotsofalo ea pelo, hona lefats’eng mona ha ntse a itokisetsa ho ea leholimong.
Ha joale u sa ntse u phela, ‘me ua phefumoloha, ua tsamaea le hona ho sebetsa. Ho ka etsahala hore ebe u phela, ka boiketlo kapa u teetsoe hare ke mesarelo. Letsatsi lea chaba le hona ho likela, kae kae ho ba le lesea le tsoaloang, ha kae kae ho ba le motho timelang. Seo bophelo bo leng sona, ke nakoana e khutsoane eo re balletsoeng Empa, U tlo ea hokae kamora lefu? Ekaba u molumeli, Kapa eba u ea sa lumeleng ho tumelo e feng kapa efe. Teng u ntse u lokela ho arabela potso ena ea bohlokoa,
Na oa tseba hona le Motho ea tsebang ntho e ngoe le e ngoe ka uena? Morena Jesu, Mor’a Molimo o tseba lintho tsohle tseo u li entseng. Ke Eena ea hlolileng lefats’e le tsohle tse ho lona. O tseba liketsahalo tse fetileng, tsa kajeno, le tsa kamoso. ‘Nete ke hore o oa u rata ebile o tlile lefat’seng ho u lokolla le ho u pholosa bophelong ba sebe. Jesu ona le morero ka bophelo ba hao, ho u tlisetsa thabo le nyakallo.
Na u kile oaba le mohopolo oa hore,”Na nka fela ka lokoloha ka botlalo, na nka iphumana ke thabile, na nka ba le khotso?” Batho ba bangata ba tsomana le ho batlana le tokoloho e felletseng ele hore ba tle ba fumane thabo le khotso. Batho ba lakatsa ho iphumana ba lokolohile tlasa lintho tse nkileng taolo ea maphelo a bona, hoo ka nako tse ling ba lumelang hore ha ba etsa kamoo ba ratang ka teng, eba hoo ho tla batlisetsa thabo. Na ho fela ho eba joalo?
Ebe ke mang ea ka nahanang ka bokamoso ba hae, ebe ha natse hore na, ebe ho na le bophelo ka nq’ane ho lefu? Ha hona motho ea ka phonyohang le ho iphapanyetsa mehopolo ea hore na ebe ho tlo etsahalang ka eena kamora lefu, oona o khorametse likello tsa rona empa hona le ba lekang ho behella ka theko ba se ke ba nahanisa ka oona. Ke moo ebang joale motho o tla iphapanya ka lintho tse ngata tsa bophelo ba joale, a behelle le hona ho suthumelletsa hole le eena mohopolo oa ho shoa, leholimo le tsona lihele joaloka hoja hase ntho tse teng empa a itebatsa tsona. (Mattheu 24:48, Moekelesia 8:11) Bonnete ba taba ke hore, khetho e lokela ho etsoa, ka ha e ea tlama. ‘Me ea ea tlohella lintho feela, a re o tla amohela se etsahalang se etsahale, ho bolela hore o ya tahlehong ka ho sa feleng, ‘me ho se etse letho ke khetho.
Lerato… ke lentsoe le monate ka puo efe kapa e feng e teng lefats’eng. Ebe le tlisang likelellong: Khahleho, tsotello, mofuthu, mosa, kutloisiso, polokekeho le tse ling? Empa inahanele e le uena, hantle lentsoe le monate lee, le bolellang? Na u batla ho ratoa? Uena na oa rata?
John N. Reynolds Nalane ea mosebetsi o etsoa ke basebetsi lekala la bophelo, eleng oa ho tsosa motho ea ileng le mailili kapa ea lintsing tsa bophelo le lefu. Hona le pale ea ‘nete ho tsoa, America, terotsoaneng e bitsoa Jefferson County, ea lesholu la lipere le neng le ts’ajoa haholo, George Lennox. O ne a le chankaneng lekhetlo la hae la bobeli. Pejana Sedgwick county, e ile ea mo tsoara ka bosholu ba lipere eaba ba moo isa teronkong, lekhetlo la hae la pele.
Evangeli ea Johanne 10:1-18 Na u kile oa utloa motho ea bitsang lebitso la hau empa ebe ha u khone ho utloa na lentsoe le hlaha kae? Mohlomong, ekaba ha u khone ho utloa lentsoe le u bitsang, hobane ho le lerata sebakeng seo u leng ho sona. Mamela, lentsoe lea u bitsa, le bitsa uena! U mang? Lebitso la hau ke mang? U hlaha kae? U lula hokae? U ea hokae?
Sepheo sa Bibele e halalelang hase ho tsepamisa maikutlo kapa ho buoa ka Satane le mesebetsi ea hae. Empa leha ho le joalo, re fumana hangata bibele e pepesa le ho beha pooaneng semelo le mesebetsi ea hae.
Ana u motho ea thabileng bophelong? Ts’abo le letsoalo la molato li ka nka thabo ea hau. U bile u ka ipotsa hore na; “ebe ke joang u ka lulang u thabile?
Bibele ke lentsoe la Ntate Molimo, ke ‘nete ka hosafeleng. E tsoere litaba tsa hloleho ea lintho tsohle, ho se utloe Molimo, le ho oa hoa motho le tsuo e tlisitsoeng ke hobane motho a sitetsoe Molimo. ‘Me e boetse e re bolella ka lerato le makatsang la Molimo, ho motho ka ho etsa mokhoa le tsela ea ho lopolla motho. Bibele e re bolella ka Mopholosi ea ileng a tsoaloa, a ba a shoa bakeng sa libe tsa batho bohle, a ba a tsoha bafung bakeng sa pholoho ea batho. Mang le mange a tla lumela molaetsa oa pholoso eo, o tla fumana ts’oarelo ea libe tsa hae, botsitso ba maikutlo, lerato mahlong a batho, matla khahlonong le sebe le ts’epo e phelang bakeng bophelo bosafeleng.
Ke na le motsoalle. Motsoalle oa sebele eo nkileng k aba le eena ruri eenoa ke ea hlokoang ke batho bohle. Ke oa ‘nete ebile o molemo hoo nka ratang hore o mo tsebe le oena. Lebitso la motsoalle enoa ke mang, ke Jesu. Ntho ee ntle ebile e hlolla ke hore o thahasella hoba motsoalle oa hao. Ha nke o behe leseling le sehlohlolong ka eena. Re bala pale le nalane ka hara bebele. Bebel eke buka ea ‘nete. Ke lentsoe la ntate Molimo.
Pele mehla le linako li ba teng, Molimo, Ntate, Mora le Moea, o ne a sa le teng. Boraro bona bo bong, bo teroneng, bo ile ba bopa lefats’e le tsohle tse ho lona. Ho tsoa leratong la hae, O ile a bopa motho ka sebopeho le sets’oano le Eena, eaba o mo beha ts’imong e ntle ea Edene. Motho o ile a siteloa Molimo ka ho se mamele litaelo. Eaba ho sitoa hoo, ea eba ho bitsoang sebe, eaba sebe se arohanya motho le Molimo. Molimo ha motho a sa sitiloe, a mo laela hore a etse sehlabelo ka phoofolo e nyane e senang sekoli bakeng sa libe tsa bona. Mahlabelo ao kaofela a ileng a etsoa nakong eo, ha li ka tsa hlakola libe empa e ne ele seriti feela sa sehlabelo sa sebele, seo Molimo a ne a tla fan aka sona tefellong ea libe tsa bohle. ‘Me Molimo o ne a tla romela mor’a hae Jesu Kreste, lefats’eng hoba Eena sehlabelo le pheko ea libe tsa batho bohle.
Na u fela u ts’oaretsoe? Bokamoso ba bosafeleng ba hau bo its’etlehile ho karabo ea potso eena. Bibele e re ruta hore “…Ha ho ea lokileng, leha a le mong”( Ba-Roma 3:10) . Temana ea 23 khalong e tsoanang e re: “Hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba ts’oaneloe ke khanya ea Molimo.” Re lokela ho fumana ts’oarelo ea Molimo ha feela ebe re batla ho bolokeha khahlanong le litlamorao tsa sebe. Ka letsatsi le leng re tla kopana le Morena ka letsatsi la kahlolo. “ Hobane e ka khona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha sa le ‘meleng, leha ele se setle, leha e le se sebe” (2 Ba-Korinthe 5:10)
Motho e mong le e mong hona le seo a se khumamelang. Batho ba bang ba khumamela lihloliloeng, ba bang motho, ba bang lintho tse behliloeng, ha ba bang ba khumamela bona. ‘Me mofuta oo oa batho o bonts’a boitolobetso ba bona ho melingoana eo ea bona ka tsela tse fapakaneng. Leha ele mona boholo ba bona batho bao ba tsoelapele ho bonts’a boitolobetso ho melingoaneng ea bona, empa ho salang ke lenyora le sello se seholo lipelong tsa bona. Batho bana ba khona ho fumana khatholoho le phomolo ea nakoana meeeng ea bona ebile ba sena ts’epo ea letsatsi le hlahlamang. Ke moo ba fihleloang ke ho soaba hoba joale bokamoso ba bona bo ba joaloka nako mohla tsietsi. Melingoana eo ba ee sebeletsang ha e khone ho ba thusa ho koala sekheo se bang teng meeeng le maphelong a bona.
Tsimolohong ho ne ho sena letho holima lefats’e. Ho be ho se litlhapi. Ho sena linaleli sebakeng sa leholimo. Ho sena maoatle, leha e le lipalesa tsa naha. Lefats’e le le feela, ‘me le tletse lefifi. Empa Molimo Eena, o ne a le teng.
Bophelo bo etsa hore motho a iphumane a le mothating oa ho etsa liqeto hangata le hangata. Bonnete ke hore motho o etsa liqeto letsatsi le letsatsi. Ka nako e ngoe khetho e etsoa kantle ho boinahano bo tebileng. Empa ka nako e ngoe teng khetho e hloka boinahano le kelo-hloko e batsi. Hangata tseo eleng tsa bohlokoa tsona ebe li etsoa ka ho ba hlokolosi haholo. Potso e ka ba hore; Ke eng eo u ee nkang ele ea bohlokoa?