Makhe

Leseli La Lefats’e

Bibele ke lentsoe la Ntate Molimo, ke ‘nete ka hosafeleng. E tsoere litaba tsa hloleho ea lintho tsohle, ho se utloe Molimo, le ho oa hoa motho le tsuo e tlisitsoeng ke hobane motho a sitetsoe Molimo. ‘Me e boetse e re bolella ka lerato le makatsang la Molimo, ho motho ka ho etsa mokhoa le tsela ea ho lopolla motho. Bibele e re bolella ka Mopholosi ea ileng a tsoaloa, a ba a shoa bakeng sa libe tsa batho bohle, a ba a tsoha bafung bakeng sa pholoho ea batho. Mang le mange a tla lumela molaetsa oa pholoso eo, o tla fumana ts’oarelo ea libe tsa hae, botsitso ba maikutlo, lerato mahlong a batho, matla khahlonong le sebe le ts’epo e phelang bakeng bophelo bosafeleng.

Lefu La Tshidiso 15 minutes

Mpho Ea Molimo: Pale Ea Keresemese

Pele mehla le linako li ba teng, Molimo, Ntate, Mora le Moea, o ne a sa le teng. Boraro bona bo bong, bo teroneng, bo ile ba bopa lefats’e le tsohle tse ho lona. Ho tsoa leratong la hae, O ile a bopa motho ka sebopeho le sets’oano le Eena, eaba o mo beha ts’imong e ntle ea Edene. Motho o ile a siteloa Molimo ka ho se mamele litaelo. Eaba ho sitoa hoo, ea eba ho bitsoang sebe, eaba sebe se arohanya motho le Molimo. Molimo ha motho a sa sitiloe, a mo laela hore a etse sehlabelo ka phoofolo e nyane e senang sekoli bakeng sa libe tsa bona. Mahlabelo ao kaofela a ileng a etsoa nakong eo, ha li ka tsa hlakola libe empa e ne ele seriti feela sa sehlabelo sa sebele, seo Molimo a ne a tla fan aka sona tefellong ea libe tsa bohle. ‘Me Molimo o ne a tla romela mor’a hae Jesu Kreste, lefats’eng hoba Eena sehlabelo le pheko ea libe tsa batho bohle.

Jesu, Color 5 minutes

Na u fela u ts’oaretsoe? Bokamoso ba bosafeleng ba hau bo its’etlehile ho karabo ea potso eena. Bibele e re ruta hore “…Ha ho ea lokileng, leha a le mong”( Ba-Roma 3:10) . Temana ea 23 khalong e tsoanang e re: “Hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba ts’oaneloe ke khanya ea Molimo.” Re lokela ho fumana ts’oarelo ea Molimo ha feela ebe re batla ho bolokeha khahlanong le litlamorao tsa sebe. Ka letsatsi le leng re tla kopana le Morena ka letsatsi la kahlolo. “ Hobane e ka khona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha sa le ‘meleng, leha ele se setle, leha e le se sebe” (2 Ba-Korinthe 5:10)

Motho e mong le e mong hona le seo a se khumamelang. Batho ba bang ba khumamela lihloliloeng, ba bang motho, ba bang lintho tse behliloeng, ha ba bang ba khumamela bona. ‘Me mofuta oo oa batho o bonts’a boitolobetso ba bona ho melingoana eo ea bona ka tsela tse fapakaneng. Leha ele mona boholo ba bona batho bao ba tsoelapele ho bonts’a boitolobetso ho melingoaneng ea bona, empa ho salang ke lenyora le sello se seholo lipelong tsa bona. Batho bana ba khona ho fumana khatholoho le phomolo ea nakoana meeeng ea bona ebile ba sena ts’epo ea letsatsi le hlahlamang. Ke moo ba fihleloang ke ho soaba hoba joale bokamoso ba bona bo ba joaloka nako mohla tsietsi. Melingoana eo ba ee sebeletsang ha e khone ho ba thusa ho koala sekheo se bang teng meeeng le maphelong a bona.

Jesu 5 minutes

Ntoa Bakeng sa Moea oa Hau

Motse-moholo oa naha ea France, Paris, hona le seema-hale se hlomiloeng ele sehopotso sa Molaoli ea bitsoang Napoleon. Lipakeng tsa pheletsong ea lilemo tse lekholo tsa Selemo sa sekete le makholo a robeli, le ho qaleng ho lilemo tse lekholo, tsa selemo sa sekete le makholo a robong. Nepoleon ile ea ba monna ea hlomphuoa le ho ts’ajoa Europe eohle. Botumo ba tlholo ea lintoa tsa hae, bo ile ba tlala Europe eohle, eaba linaha tsohle li ba tlasa taolo le bolaoli ba hae, ntle le naha ea England feela. Molaoli enoa ea neng a ena le tjantjello, o ne a thabela le ho natefeloa ke ho laola lefats’e lohle.

Lefu La Tshidiso 6 minutes

Bophelo bo etsa hore motho a iphumane a le mothating oa ho etsa liqeto hangata le hangata. Bonnete ke hore motho o etsa liqeto letsatsi le letsatsi. Ka nako e ngoe khetho e etsoa kantle ho boinahano bo tebileng. Empa ka nako e ngoe teng khetho e hloka boinahano le kelo-hloko e batsi. Hangata tseo eleng tsa bohlokoa tsona ebe li etsoa ka ho ba hlokolosi haholo. Potso e ka ba hore; Ke eng eo u ee nkang ele ea bohlokoa?

Lefu La Tshidiso 5 minutes